Modimo Hare Ha Badimo Poem by Ofentse Mercy Hajane

Ofentse Mercy Hajane

Ofentse Mercy Hajane

South Africa/ Johannesburg/ Krugersdorp/ Munsieville

Modimo Hare Ha Badimo

Maloba ke dutse majweng ma'tle a lewatle.
Mehopolo ya dithero tsa bophelo baka
ya qhaleha fatshe jwalo ka ona moruo wa lefatshe.
E fata,
e menolola jwalo ka maqhubu.
Mahlo matala a sesa jwalo ka tlhapi,
a lahleha mane pakeng tsa lefatshe ha le neka lehodimo.
Mane hole ha utloala sello,
lentswe le sesane,
thero ntsho ya ba ipati.
Banna ba ba supa ba tenne madi.
Difahlehong ho bona ho benya 'sedi la letsatsi,
Tsona dithuto tsabaqheku ba ileng ba nyeloha 'hodimong le'tsho.
Mahehleng ho bona ba jarile majwe a barwa.
Majwe a tshomo e ngodilweng ke badimo ba BaSo'tho,
bo ntate le bo mme ba metse ntlha ya lefatshe.
Bone ba ileng ba bopa metswako ya batho,
ba inetse tshenolo e ba e hlodileng.
Yare ha ba palame dipere di'tsho, lefu mokokotlong,
ba ne ba tsejwa jwalo ka ba rena.
Le mane mahodimong,
bitso la bona le ne le tsejwa ke diphofo'lo tsa dimakatso.
Ha di feta di re;
"Hela, wena ngwana M'So'tho,
wena modimo wa lefatshe.
Motshwari wa dinotlolo tsa matsatsi kgubedu,
ya re ha po'o di lwa sakeng,
o dikgaohanya jwalo ka masea.
Wena ya bitso la hao le jetswang mafatsheng khutlo.
A o bokwe."


Ofentse Hajane

Modimo Hare Ha Badimo
Friday, April 3, 2020
Topic(s) of this poem: dark,dark blue
COMMENTS OF THE POEM
READ THIS POEM IN OTHER LANGUAGES
Ofentse Mercy Hajane

Ofentse Mercy Hajane

South Africa/ Johannesburg/ Krugersdorp/ Munsieville
Close
Error Success